5. LEEKETSI
Leeketsi: ke mofuta o mong oa sefetoli, mme le eketsa moelelo oa
seboleli,sephafi le leetsi le leng polelong.
Leeketsi le Mefuta e meraro
Keketso nako
Keketso sebaka
Keketso mokhoa
6. Keketso-nako
Keketso-nako: Ke mofuta oa leeketsi o supang nako eo ketso
e etsahalang, e etsahetseng kapa e tlang ho etsahala ka eona.
Mohlala
Bana ba fihlile ka khitla.
Likolo li tla buloa selemong se tlang.
7. Ntsetso-pele ea keketso-nako
Keketso-nako e na le maeketsi a semelo,e leng
maeketsi a sa boptjoang ka maretlo-puo a mang.
Mohlala
Bana ba tsamaile pele ho rapeloa.
Bokang o fihlile joale ka bese.
8. Keketso-sebaka
Keketso-sebaka: ke mofuta oa leeketsi o supang sebaka seo ketso e etsahetseng,e tsahalang
kapa e tlang ho etsahala ho sona.
Mohlala
Mosali o tsoa patsing.
Re besitse ka paoleng.
9. Keketso-mokhoa
Keketso-mokhoa: ke mofuta oa leeketsi o supang
mokhoa oo ketso e etsoang, etsahetseng kapa e tlang ho
etsahala ka eona.
Mohlala
Ba binne hamonate.
Ba shapuoe feela.
10. Sere
Sere: ke mofuta oa sefetoli o ka bontsang mokhoa oo ntho e leng ka oona kapa
boemo ba ntho.
Mohlala
Maoto a hae bata po!
Ho nkha phu! Ka matloaneng
Sere se ka bontsa monko
Mohlala
Ho nkha phu! Ka matloaneng.
11. Sere se ka bontsa lintho tse latelang
Sere se ka bontsa monko
Mohlala
Ho nkha phu! Ka matloaneng.
Sere se ka bontsa motsamao
Mohlala
Moloi shoathi-shoathi! ka holima ntlo.
Sere se ka bontsa mala
Mohlala
Ba apere libaki tse tsoeu toa!
12. Ntsetso-pele ea Sere
Sere se ka bontsa molumo
Mohlala
Khalase ea re bjara! fatse.
Sere se ka bontsa sebopeho sa ntho
Barali ba hae ba batle tle!